Back to previous page
Na akhaonte ya hao ya Fundisa Fund e tla hola jwang?
- Tjhelete ya hao e reka diyuniti ho di-unit trust tsa ditjhelete.
- Di-unit trust tsena di beeletswa ho dibonto tsa mmuso le tjheleteng e kengwang bankeng. O tla fumana tswala (kuno) le kgolo e eketsehileng ho tswa peeletsong tsena ha nako e ntse e ya.
- Bonase eo o tla e fumana e tla kengwa tjheleteng eo o e bolokileng.
- O tla romelwa setatemente hang ka selemo, se bontshang diakhaonte tse pedi. Akhaonte ya ho qala e tla bontsha dipolokelo tsohle tsa mobeeletsi mme akhaonte ya bobedi e tla bontsha palo ya bonase e kentsweng kapa e fokoditsweng selemo le selemo.
- Bonase e balwa ka Mphalane (October) selemo le selemo mme e tla kengwa akhaonteng ya bonase ya hao ka Pherekgong (January) wa selemo se latelang.
- O ka bona hore polokelo ya hao ya Fundisa Fund e hodile ka bokae ka ho sheba ditheko tsa di-unit trust koranteng. Theko ya yuniti ya Fundisa Fund e lokelwa ho atiswa ka palo ya diyuniti tseo o nang le tsona – mme o tla bona hore na o na le diyuniti tse kae ha o sheba setatementeng sa hao.
Di-unit trust tsa ditjhelete tseo Fundisa e beeleditseng ho tsona di tsamaiswa ke:


