Saturday, 31 July 2010
Print PDF
Back to previous page

Ke mang ya ka bulang akhaonte ya Fundisa Fund?

  • Moahi kapa modudi ofe kapa ofe wa dinako tsohle wa Afrika Borwa ya batlang ho thusa ho ruta motho eo a mo tsotellang, ha feela moithuti eo e le moAfrika Borwa.
  • Ha ho hlokehe hore o be o na le dikamano le moithuti eo. O ka tshehetsa ka ditjhelete moithuti ofe kapa ofe eo o mo kgethang.
  • O lokela ho ba le Mzansi account kapa akhaonte efe kapa efe ya ditransekeshene ya banka le buka ya boitsebiso e tala e nang le metsero.
  • Tjhelete yohle eo o e bolokang e ba ya hao ho fihlela e leshwa kholetjheng e tlasa mmuso kapa yunivesithi e ananetsweng ke National Student Financial Aid Scheme (NSFAS) (Sekimi sa Naha sa Thuso ya Baithuti ka Ditjhelete) – mme sona ke ejensi ya mmuso e nang le boikarabelo ba ho lefa di-institjhushene tsa thuto.

Ho bohlokwa hore o se ke wa neha motho ofe kapa ofe tjhelete ntle le dikhampani tsa di-unit trust kapa dibanka moo o ka bulang akhaonte ya Fundisa Fund. Ka mehla etsa bonnete ba hore o fumana setlankana bakeng sa tjhelete efe kapa efe eo o e kenyang akhaonteng ya hao ya Fundisa Fund.

Na ho hlokehang ho tswa ho moithuti eo o mo kgethileng?

Moithuti eo o mo kgethileng:

  • o lokela ho ba moahi wa Afrika Borwa;
  • o lokela ho fana ka khopi ya buka ya hae ya boitsebiso e tala e nang le metsero kapa setifikeiti sa tswalo; mme
  • o lokela hore a be a se a qadile ho ithuta ha a se a le dilemo tse 35 boholo, kholetjheng e ka tlasa mmuso kapa yunivesithing e sebetsang mmoho le National Student Financial Aid Scheme (NSFAS).

Mobeeletsi hape a ka bula akhaonte ya Fundisa Fund bakeng sa ho bolokela thuto ya hae e phahameng.