Back to previous page
Ke mang ya ka bulang akhaonte ya Fundisa Fund?
- Moahi kapa modudi ofe kapa ofe wa dinako tsohle wa Afrika Borwa ya batlang ho thusa ho ruta motho eo a mo tsotellang, ha feela moithuti eo e le moAfrika Borwa.
- Ha ho hlokehe hore o be o na le dikamano le moithuti eo. O ka tshehetsa ka ditjhelete moithuti ofe kapa ofe eo o mo kgethang.
- O lokela ho ba le Mzansi account kapa akhaonte efe kapa efe ya ditransekeshene ya banka le buka ya boitsebiso e tala e nang le metsero.
- Tjhelete yohle eo o e bolokang e ba ya hao ho fihlela e leshwa kholetjheng e tlasa mmuso kapa yunivesithi e ananetsweng ke National Student Financial Aid Scheme (NSFAS) (Sekimi sa Naha sa Thuso ya Baithuti ka Ditjhelete) – mme sona ke ejensi ya mmuso e nang le boikarabelo ba ho lefa di-institjhushene tsa thuto.
Ho bohlokwa hore o se ke wa neha motho ofe kapa ofe tjhelete ntle le dikhampani tsa di-unit trust kapa dibanka moo o ka bulang akhaonte ya Fundisa Fund. Ka mehla etsa bonnete ba hore o fumana setlankana bakeng sa tjhelete efe kapa efe eo o e kenyang akhaonteng ya hao ya Fundisa Fund.
Na ho hlokehang ho tswa ho moithuti eo o mo kgethileng?
Moithuti eo o mo kgethileng:
- o lokela ho ba moahi wa Afrika Borwa;
- o lokela ho fana ka khopi ya buka ya hae ya boitsebiso e tala e nang le metsero kapa setifikeiti sa tswalo; mme
- o lokela hore a be a se a qadile ho ithuta ha a se a le dilemo tse 35 boholo, kholetjheng e ka tlasa mmuso kapa yunivesithing e sebetsang mmoho le National Student Financial Aid Scheme (NSFAS).
Mobeeletsi hape a ka bula akhaonte ya Fundisa Fund bakeng sa ho bolokela thuto ya hae e phahameng.
Who can open an account?

